Maboea

Sereto sa Maboea**

Mothapama o neng o thapamele marena.

Motho wa Seuna se pelo mora ‘Nkoehatse’


Se ba una seba tabola moriri,

Ba habo bona basale ballla.

Ha o le Noko ha o latellwe,

Ha o lenoko o hlaba Matebele

Motho wa Nthudisane wa kgomo tse shwang ke boketa

Setlhohotlhoholwana sa Makatolohe

Makwala ntshiyeng kamaorao,

Lentshiye ka mora ‘thaba ya Setenane

Naka tsa ntsu di makudubanyana

E ka kgama e nyoloha sehlapong ho ya kwenya metsi

E sesanyana ka mahlong – e sitwa ke lehaha!

Makgolokwe Mahlabakgoho ka lemao

Aye le yona Moreneng

Mahlabakotswana

Mahlabakgoho ka lemao ka sebonong

A e hlaba,

A e isa kgorong ha Mokgolane

Mokgolane a e ja, a ba a e halala,

A re “Kgutla hape,

O yo eketsa,

Motho wa Wetsi

Makotswana Mahlabakgoho ka lemao

A` e ise ho Mokgolane  kgorong,

A re bona Morena, kehlabile!

Ke hlabile manoni a maholo,

Batho ba Rapeso,

Batho ba Seya-pele-kgotsong.

Ho sa busa Letlasa le Lephatshwana,

Batho ba ha Wetsi

Batho ba ha Marowa le Molotsana,

Batho ba Rapeso!

Tags:
Umbhali: Bongukholo Khumalo