Mokoena/Mokwena

Sereto sa Mokoena/Mokwena

(Bakwena ba ha Monaheng)

Mokwena wa ha Monaheng


Maila ho ngwathelwa,

Motho ya sa jeng sengwathwana sa maobane,

Ya jang polokwe kaofela Ha e tla re ha a eja ho thehe meriti,

E menyane ya diotlwana

Ke motho wa Nkopane le Mohlomi,

Ke Motho wa ha Monaheng,

(Bakwena ba ha Modibedi)

Mokoena wa ha Modibedi

Wa hahlana tse pedi tsa mamonyane wa mahlatsi guguthana la mamodibedi motho wa ho hlapa le mohwehadi ledibohong,

Motho wa Sikiri sa Namahadi motho wa matswe motho wa ha mochane

(Bakwena ba ha Phaaswa)

Phaaswa Manaila

Mathole Mathibane

Maila kobjwana

Nna ke Mokoena,

Mohlakoana wa Maila Ngoathela,

A sajeng poloko ya Maobane.

Mokoena Koena wa meetse magolo wa rope lakgomo lee motho,

Wa seboloane Mokoena wago tshanga pele ongwa lesetla,

Wa go sala morago ongwa bodu, motho wa go tswa tlase Mokgoba ko malepyane,

MOKOENA!!

(Kapa)

MOKOENA (BABANGWE BARE KE SIPULANE)

Mokoena Mathole mabathi akwile wantshana Serote,

Thlare la moriana watala lere gele oma leboa lerobega nkari lenelwa kemetsi apula,

Rebaga Mathibanyana,

Reboa Shakoaneng,

Kgomo lemotho gophalang?

Gophala motho gobane motho gabaje kgomo illelateng,

Mokoena wametsi magolo,

Malala akitika Maetela Mangwe,

 

 

Tags:
Umbhali: Bongukholo Khumalo