Dithoko tsa Mantoto
Ke thella jwang
Ke le Motho wa Mantoto
Motho wa Maletlapa ha le ribollwe,
Wa Malejanasehlotshwana
E a kgopa , Ramotshedisi
E seng e kgopa basadi ba batho
Motho wa Malejanasehlotshwana
Motho wa Mahlonohlono
Motho wa Maphakamisa molense
Motho wa Mahlono e a phoma