Sejake

Motaung ba Rapuleng ba Rothodi la pele

Na ha Sejake

Batho ba Rapuleng

Ba Rothodi la Pele

Khuba khuba ea mamatshoha fetshe

Ea matsoha ka fapha la monna

Fapha la marumo le thata le popota

Ke batho ba Mmusetsi oa bo Thulo

Bare ha e hate ka maro nyamatsana

Phofolo e tshajoang ke bana le bo mmabona

Tau monna o habilene kae?

Ha o kene sekgoa ka lehare?

O tla ja di phokojoe re tla ja’ng?

Tshehlana mathela ka tlung o itlhatswe

Re sentse re fetela pele

E tle e re ha re fihla kgotla o hlahise lengoele

Hore banna batle ba tsebe ho bua ditaba

Ba re ke sewa sa matshosa ramokgoahle, ramathibela

Rau! Sebata!

Tags:
Umbhali: Bongukholo Khumalo