Bakubung

Dithoko tsa Bakubung

Ke Mukubung wa Mohlamatsana

Mohlaka kodi, motseba tsa ba bang,


Motho wa Leswetsa la Maitjadi

Mohale, motswa lehlakeng

Motho wa mokopu o motolodi

Le o ntshe masimong

Ke Mokubung waMamMohlamatsana

Mohlaka kodi, motseba tsa ba bang

Kubukubu , ntsha marota re bone

Kubu e kaa ka ntlo ya Moseme

Re batho ba ha Mahwete , Komane

Re batho ba ha bodiba no botala ha bo okamelwe

Ekare ha o bo okamela

O ka ela mahlwana le ditsejana

Kubu hohomosa marete re bone

Kubu ha o e ame mo phatleng

Ha o e ama mo phatleng, o ka shwa

Kubu e dula metsing

Kubu ha e bonwe!

Diboko tsa Bakubung

-Komane

-Leswetsa

-Mahwete

-Mohlamatsana

-Mokubung

-Serame

-Moseme

Tags:
Umbhali: Bongukholo Khumalo