Dithoko tsa Bahlakoana ba ha Tserere
Mohlakoana
Pholo ya Disema!
Leila ho ngoatheloa
Leila polokoe ea maobane!
Bahlakoana ba bina pina bosiu.
Bahlakoana ba tsoana le BaTaung
A! Ekaka ba hlanyetsa senkhoana!
Oa Mahlatsi!
Leila ha Mahlatsi ha le ke li khutla!
Oa ma Mohoma o moholo
Ke motho oa Mosito le Napo!