Sereto sa ha Miya***
(Matebele)
Ke le thelleng
Ke le Letebele la ha Miya
La ha Sekelemane
Kobo di pedi , ngwana Kgojane
Tsa bola hlooho
Tsa bola bolakakata
E nngwe ke ya ho apesa boroko
E nngwe ke ya ho apesa bosudu
Ke Lephuthi, Lekgolokwe,
Lekotswana!
Mahlaba kgobo ka lemao
A e ise Mokgolwane kgorong
A re : Morena bona,
Ke hlabile e manoni a maholo
Ke Lephuthi Lekotswana,
Phuthi la ha Rakgwase
Phuthi e tshoba ka meso e anyese!
Agee!! Maphuthinh Agee!!***