Dithoko tsa Mantsukunyane Ke Mofokeng Wa Mantsukunyane a Kata a Sefiri Bakgwele ba titima mabitleng Thotsela sa Mokgwele ha se je moroko Se ja dipolokwe! Fokoletsang Bakgwele dipolokwe Ha ba ata ba tla re bolaya
Dithoko tsa Maiyane Ke Mokwena wa Maiyane Wa kgomo ya Leruo, Leruo la kgomo , mora Motlohelwa Ba Mmamotetenene wa Kgosi Ba kgatampi e ntle, sebepatla Ba maleruo le tloha ho kgomo, le ye ho motho Pai! Mokgwenyana o omo siya ho kae? Se je Mokgwenyana hara lepatlelo
Dithoko tsa Bafula Ke Mofula , Mokolobeng Motho wa Marasakane Moana kolobe Moana phoofolo a e Jang Malema feela a sa phophothe Mmadinakana ka hanong Ha o batla kgotso , kgotso be nala Ha batla ntwa Bona metsu qholong ka kgohlopoing Marumo ke seqhanyane sa ntwa Hela mokola ona ke Raseqhanyane Ke Mofu... qhubeka ufunde »
Dithoko tsa Mahlatsi Ke thelleng Ke le Lekgwakgwa la ka Mahlatsi Batho ba ha Mahlasti ba kaalo ka dinaledi Ba kaalo ka jwang ba tshaane , molelengwane Ke Batho ba ha MaMphamo a Mahasa Batho ba Sepharumele sa Nongalo Ke Batho ba ha MaMotlotlo o a batlwa Motlotlo bosiu o ba mokgubedu Motsheare o ba mo... qhubeka ufunde »
Dithoko tsa Masilo Ke Motshweneng Ke Mofurutshe,motho wa Masilo Moana tshwene , motho wa mokgahla wa kgomo e tshwana O lesiba la Montana , o kobo yangwe Tshwene e tswetse dibokoboko Mabina phoofolo, ma-ana dibata
Dithoko tsa Sebolela Ke Mofokeng wa Sebolela sa Kwena Motho wa mohope mosweu Bongata bo lopa metsi Nna ke lopa hloya ,mafi Ledu sa kgomo mafiela fatse Leme la kgomo koba matlakala